Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:2 - BIBELE

2 Le se phakise ho ferekana maikutlo kapa ho tshoswa ke boporofeta, kapa dipolelo, kapa lengolo leo ho ka thweng le tswa ho rona, le reng Letsatsi la ho tla ha Morena le fihlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:2
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile.


Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le madume a dintwa, le se ke la tshoha. Hona eka kgona ho etsahale, empa ha e eso be bofelo.


Ka tiisetso ya lona le tla ithuela bophelo.”


Ha le utlwa mekgosi ya dintwa le meferefere, le se ke la tshoha, hobane eka kgona tseo di etsahale pele, empa bofelo bo ke ke ba eba teng hanghang.”


“Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,


Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo.


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


Ra etsa jwalo hore ho se be le ya mong wa lona ya ka sisinngwang ke matshwenyeho ana, hobane le a tseba hore matshwenyeho ana ke kabelo ya rona.


Sena re le bolella sona e le thuto ya Morena: Rona ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a tlang, ha re na ho etella pele ba ithobaletseng.


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo.


Tumediso ena e ngotswe ka letsoho la ka, nna Paulosi. Mangolong wohle a ka ke ngola tjena; ona ke mongolo wa ka.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ