Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:14 - BIBELE

14 Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O le bileditse hona ka Evangeli ya rona, le tle le rue kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke tseo a le bileditseng tsona ka Evangeli ya rona, le tle le fumane kganya ya Morena wa rona Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


Tlotla eo o nneileng yona ke ba neile yona, hore ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha le rona re le ntho e le nngwe:


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,


Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.


Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.


Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi,


hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.


Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ