Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 1:3 - BIBELE

3 Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Bakaulengwe, re tshwanetse go leboga Modimo ka gale ka ntlha ya lona ka fa go tshwanetseng ka teng, ka tumelo ya lona e ntse e oketsega thata, le lorato lwa lona lotlhe lo a ata mo go yo mongwe le yo mongwe wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Bakaulengwe, re tshwanetse go leboga Modimo ka gale ka ntlha ya lona ka fa go tshwanetseng ka teng, ka tumelo ya lona e ntse e oketsega thata, le lorato lwa lona lotlhe lo a ata mo go yo mongwe le yo mongwe wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 1:3
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.”


Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.


Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.


Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare.


Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”


Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.”


Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.


Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


Kamehla ke leboha Modimo wa ka, ka baka la mohau wa hae, oo le o filweng ka Kreste Jesu,


Ha re ithorise ho feta tekanyo ka mosebetsi o entsweng ke ba bang, empa tshepo ya rona ke hore ha tumelo ya lona e hola hara lona, le mosebetsi wa rona o tla hola, feela re sa tlole moedi wa rona.


Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,


Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.


Hona jwale Timothea o kgutletse ho rona a etswa ho lona, mme o re tliseditse ditaba tse monate tsa tumelo le lerato la lona. O re kamehla le ntse le re hopola ka thabo, mme le hlolohetswe ho re bona, jwalokaha le rona re hlolohetswe ho le bona.


Jwale Modimo re ka mo leboha jwang ka baka la lona, le ka baka la thabo eo le re thabisitseng ka yona pela Modimo wa rona?


Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.


Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:


Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Ke fumana ho lokela hore, ha ke sa ntsane ke phela, ke nne ke le tsose ka ho le hopotsa,


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ