Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 6:15 - BIBELE

15 Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ya dumetseng o na le kabelo efe le ya sa dumelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 6:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”


Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.


Leha ho le jwalo, ba dumelang ho Morena ba nna ba eketseha, e le palo e kgolo ya banna le basadi.


Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!


Empa motho o qosa ngwanabo, le hona kapele ho bao e seng badumedi.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Yare ha ba ntse ba ithabisa, banna ba bang ba motse oo, ba kgopo, ba etsetsa ntlo eo sakanalankope, ba tulaka lemati, ba bua le monnamoholo, monga ntlo, ba re: “Ntsha monna ya fihletseng mona ha hao, re tlo mo ja maotwana!”


Ka baka leo, re neeng banna bao ba ditshila, ba Gibea, re tle re ba bolaye, mme re fedise bokgopo bona naheng ya Iseraele.” Empa ba morabe wa Benjamine ba se ke ba natsa polelo ya bana babo bona, e leng bana ba Iseraele.


Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ