Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 12:7 - BIBELE

7 Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Mme e le hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo ka bongata ba ditshenolo, ke ile ka newa moutlwa nameng, lenqosa la Satane hore le nkotle, hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Mme e le hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo ka bongata ba ditshenolo, ke ile ka newa moutlwa nameng, lenqosa la Satane hore le nkotle, hore ke se ke ka iphahamisa ho feta tekanyo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 12:7
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana.


Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae.


Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


Empa ha ho fihla maqosa a babusi ba Babilona, a neng a romilwe ho Hesekiya, ho tla batlisisa tsa mohlolo o ileng wa etsahala naheng ya hae, Modimo o ile a mo tlohela, a mmea tekong, hore a tle a tsebe sohle se ka pelong ya hae.


Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”


Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.


“ ‘Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo.


Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.


Ka meutlwa tsela hae ke tla e ralla, ke be ke e thibe ka ho haha lerako, a se ke a tsamaya ka tsela tsa hae tsa kgale.


“ ‘Empa haeba le sa leleke baahi ba naha eo kapele ho lona, ho tla etsahala hore bao le ba tlohetseng ba be jwaloka metsu ka mahlong a lona, le meutlwa dikgopong tsa lona, ba le tshwenye naheng eo le ahileng ho yona.


Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”


Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.


motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste.


hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.


Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona.


Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo.


Kgosi e se ke ya ikgohomosetsa bana babo yona, e se ke ya kgeloha Molao, e le hore e tle e phele halelele mmusong wa yona, yona le bana ba yona, hara setjhaba sa Iseraele.”


yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng.


E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.


Ka baka leo, ke re: ‘Nke ke ka ba leleka kapele ho lona; e tla ba leraba ho lona, medimo ya bona e be sefi ho lona.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ