Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 12:20 - BIBELE

20 Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hobane ke a tshaba, esere mohla ke fihlang, nke keng ka le fumana le le jwalokaha ke le ratile, mme la fumanwa ho lona le le jwaloka hoja le sa ba rate, esere mohlomong ho ka ba le diphapang, le mohono, le kgalefo, le diphapang, le ditshebo, le ditshebo, le dikgohoso, meferefere:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane ke a tshaba, esere mohla ke fihlang, nke keng ka le fumana le le jwalokaha ke le ratile, mme la fumanwa ho lona le le jwaloka hoja le sa ba rate, esere mohlomong ho ka ba le diphapang, le mohono, le kgalefo, le diphapang, le ditshebo, le ditshebo, le dikgohoso, meferefere:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 12:20
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha motho a tlilo mpona, o bua mafeela, pelo ya hae e rwalla tse mpe, tseo etlare hoba a tswe, a tsamaye a di hasanya.


Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.


Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi,


baetseletsi, ba hloileng Modimo, baikakasi, baikgohomosi, baithorisi, baqapi ba tse mpe, ba sa utlweng batswadi,


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


Bana beso, ke fela ke ile ka tsebiswa ka lona ke ba ha Kolowe hore le a tsekisana.


hobane Modimo ke Modimo wa kgotso, e seng wa moferefere. Jwaloka dikerekeng tsohle tsa badumedi,


Empa le a ikgohomosa, athe le ne le tshwanetse ho itshwabela, mme ya entseng ketso ena ebe o tlositswe hara lona.


Ke ikana ka bophelo ba ka! Modimo a ka mpakela hore e ne e le ka ho le qenehela, ha ke sa ka ka kgutlela Korinthe.


Jwale ke le kopa hore, ha ke le teng hara lona, ke se ke ka ba tau eo ke ikemiseditseng ho ba yona ka sebete, ho ba reng re laolwa ke botho.


Mohla lona le seng le mamela ka mokgwa o phethehileng, re ikemiseditse ho kgalemela ho se mamele hohle.


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho,


Yaba ke rera hore nke ke ka boela ka le etela ho tla le swabisa,


Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana.


Re se ke ra ipatlela thoriso ya lefeela; re se ke ra phephetsana, kapa ra honohelana.


Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.


Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ