Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 12:19 - BIBELE

19 Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Hape, le re re ikemela ho lona? re bua pela Modimo re le ho Kreste: empa re etsa ntho tsohle, baratuwa, bakeng sa ho le hahisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hape, le re re ikemela ho lona? re bua pela Modimo re le ho Kreste: empa re etsa ntho tsohle, baratuwa, bakeng sa ho le hahisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 12:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.


Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela


Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata.


jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.


Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.


Leha nka ithorisetsa matla a rona haholwanyane, ao Morena a re neileng wona ho le matlafatsa, e seng ho le fedisa, ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.


Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya.


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya bokwang kamehla yohle, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane?


Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Na re boela re qala ho ikemela? Kapa jwaloka ba bang, re hloka mangolo a re emelang ho lona, kapa a tswang ho lona?


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ