Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 12:14 - BIBELE

14 Bonang, lena ke kgetlo la boraro leo ka lona ke itokisetsang ho tla ho lona, mme ha ke na ho le kgoka, hobane ha ke batle tsa lona, ke batla lona. Hase bana ba fepang batswadi, ke batswadi ba fepang bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Bonang, ke se ke loketse ho tla ho lona la boraro; mme nke ke ka le imetsa, hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Bonang, ke se ke loketse ho tla ho lona la boraro; mme nke ke ka le imetsa, hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 12:14
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tholwana ya ho loka ke sefate sa bophelo, ya bohlale yena o hapa meya ya batho.


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?


Ha ke a ka ka tswela silefera pelo, kapa kgauta, kapa diaparo tsa motho.


Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.


jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.


Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.


Ke tla feta le ho lona ha ke potolohile Masedonia, hobane ke ntse ke potoloha Masedonia.


Empa ke tla le etela haufinyane, ha Morena a rata, mme ke tla iphumanela hore na matla a baikgohomosi bao a makae, ho fapana le puo tsa molomo,


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolele molaetsa o molemo ke sa lefuwe, ka ho se sebedise tokelo eo ke nang le yona ka baka la mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa oo.


Ke motho ya lokolohileng, ya seng taolong ya mang kapa mang, empa ke ikentse lekgoba la bohle, hore ke tle ke hape ba bangata.


Ka tshepo ena, ke ne ke ikemiseditse ho le etela pele, e le hore ke le thabise ka ho le etela habedi.


Nakong eo ke neng ke ena le lona, ha ke a ka ka kgoka motho ha ke ne ke hloka, hobane bana babo rona ba tswang Masedonia ba nnile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke di hloka. Jwaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.


Ebe dikereke tse ding di le fetile kang, haese feela hore nna ha ke a ka ka le kgoka? Ntshwareleng phoso eo.


Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.


Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Le a tseba hore re ile ra tshwara e mong le e mong wa lona hantle, jwalokaha ntata a tshwara bana ba hae.


Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ