Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 5:19 - BIBELE

19 Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 O se ke wa amohela qoso e qosang moholo, e mpe e be ka dipaki tse pedi, kapa tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 O se ke wa amohela qoso e qosang moholo, e mpe e be ka dipaki tse pedi, kapa tse tharo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 5:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo,


Ka baka leo, Pilato a tswela kantle ho bona, mme a re: “Le qosa monna eo ka eng?”


Esita le Molaong wa lona ho ngotswe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete.


Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.


“Ke ile ka ba araba ka ho re hase moetlo wa Baroma ho neelana ka moqosuwa a eso thulanngwe le baqosi ba hae, le ho newa sebaka sa ho ikarabella qosong ya hae.


Lena e tla ba lekgetlo la boraro ke le etela. Taba efe kapa efe e tla tiiswa ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.


Ka bopaki ba dipaki tse pedi, kapa tse tharo, eo ya lokelang ho shwa a bolawe, empa ka bopaki ba paki e le nngwe, a ke ke a bolawa.


“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Ha motho a sa boloke Molao wa Moshe, o ne a bolawa ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo, ho se mohau.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ