Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 5:14 - BIBELE

14 Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ka baka leo, ke rata hore basadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba tsamaise malapa a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka sa ho nyefola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ka baka leo, ke rata hore basadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba tsamaise malapa a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka sa ho nyefola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 5:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a potlakela ho Sara, ka tenteng, a re: “Phakisa o nke dirotwana tse tharo tsa phofo e thumisehileng, o e dube, o etse maqebekwane.”


Yaba ba re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sara o kae?” A araba, a re: “O ka tenteng.”


Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”


Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae.


Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha.


Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.


Jwale seo ke se etsang ke tla nne ke se etse, e le hore ba ipatlelang sebaka sa ho ithorisa ka ho re ba jwaloka rona, ke tle ke ba hlokise sona.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape.


Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.


le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ