Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 1:18 - BIBELE

18 Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Taelo ena ke o nea yona, Timothea, ngwanaka, ho ya ka diporofeto tse bileng teng pele hodima hao, hore o tle o lwane ntwa e molemo ka tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Taelo ena ke o nea yona, Timothea, ngwanaka, ho ya ka diporofeto tse bileng teng pele hodima hao, hore o tle o lwane ntwa e molemo ka tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 1:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike.


Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.


Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae?


Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.


ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,


Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.


ke dumedisa Timothea ngwanaka ya ratehang, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.


Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.


Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.


Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ