16 Empa ha e le mona ke hauhetswe, e ne e le hore Kreste Jesu a bonahatse ka nna mamello e tletseng ya hae, ke tle ke be mohlala ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.
16 Empa ke rekolohetswe, hore Jesu Kreste a bonahatse ka nna, ke leng wa pele, mohau wohle wa hae, ho tle ho etswe mehlala ka nna ho bohle ba tlang ho dumela ho yena, hore ba be le bophelo bo sa feleng.
16 Leha ho le jwalo, ke ile ka fumana mohau ka baka la sena, hore Jesu Kreste a tle a bonahatse ho nna, ke le wa pele, mamello yohle, hore e be mohlala ho ba tlang ho dumela ho yena, ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.
16 Leha ho le jwalo, ke ile ka fumana mohau ka baka la sena, hore Jesu Kreste a tle a bonahatse ho nna, ke le wa pele, mamello yohle, hore e be mohlala ho ba tlang ho dumela ho yena, ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.
Le thapelo ya hae, le kamoo Modimo a ileng a mo mamela kateng, le dibe tsa hae tsohle, le ho se tshepahale ha hae, le dibaka tseo a ileng a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a ba a hloma ditshwantsho tsa Ashera, le ditshwantsho tse betlilweng, pele a ikokobetsa, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Baporofeta.
“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.
ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.
Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”
“Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong.
ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.
Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.
Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng.
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.