Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 4:5 - BIBELE

5 Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Areka ya selekane sa Jehova, ha e fihla diahelong, Baiseraele ba e hlabela ditlatse tse kgolo, lefatshe la ba la reketla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 4:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sadoke le yena a tla, le Balevi bohle ba neng ba ena le yena, ba nkile areka ya selekane sa Modimo. Ba fihla ba bea areka ya Modimo fatshe, pela Abiatare, ho fihlela ha setjhaba sohle se felella ho tswa motseng.


Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!”


Ha le dumele hore tsatsi la koduwa le haufi, empa ketso tsa lona di a le atametsa, di atametsa puso e sehloho!


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae.


Ha Bafilesita ba utlwa lerata la ditlatse ba re: “Ebe lerata lee la ditlatse tse kaalekaale diahelong tsa Baheberu, ke la eng?” Jwale ba tseba hore areka ya Morena e fihlile diahelong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ