Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 31:7 - BIBELE

7 Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 31:7
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naha ya lona e tla fetoha nanaola, mme dira tsa lona tse ahileng moo di tla e makalla.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


Bamidiane ba imela bana ba Iseraele. Ka baka la ho tshaba Bamidiane, bana ba Iseraele ba ile ba ipata matsabeng, le mahaheng, le diqhobosheaneng.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.


Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.


Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ