Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 30:21 - BIBELE

21 Jwale Davida a fihla ho banna ba makgolo a mabedi, ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho mo latela, mme ba sala molatswaneng wa Besore. Banna bao ba ya kgahlanyetsa Davida le batho bao a neng a ena le bona. Ha Davida a atamela pela banna bao a ba dumedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 30:21
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana.


Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.


Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: ‘Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?’ ”


Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.


Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo.


Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala.


Jwale banna bohle ba kgopo, ba lekgonatha hara bao Davida a neng a ile le bona, ba re: “Kaha ba sa ka ba ya le rona, re ke ke ra ba hapisa letho kgapong eo re tlang le yona, haese hore monna ka mong a ka nka mosadi wa hae, le bana ba hae, a tsamaya le bona, a itlheka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ