Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 28:18 - BIBELE

18 hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 28:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela.


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


Ka baka leo, Saule a re: “Ntlisetseng nyehelo ya setjheso le nyehelo ya teboho.” Saule a etsa nyehelo ya setjheso.


Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang.


Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.


Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ