Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:41 - BIBELE

41 Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ebile o ema, a inamela fatshe ka sefahleho, a re: Ke nna enwa lekgabunyane la hao, ke be mofo ya hlatswang maoto a bahlanka ba monghadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:41
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.


Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


A phatlalatsa, a re: “Kamora ka ho tla e mong ya matla ho mpheta, eo ke sa tshwanelang le ho inama ke lokolla maqhwele a meqathatso ya hae.


Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.


Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”


Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”


Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.


Bahlanka ba Davida ba fihla ho Abikaele a le Karamele, ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena, hore re tlo o lata, o yo ba mosadi wa hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ