Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:31 - BIBELE

31 o ke ke wa itshwabela, kapa wa tshwenyeha pelong, ka ho re o ile wa tsholla madi ntle ho lebaka, kapa wa iphetetsa ka bowena. Ha Morena a se a o atlehisitse, o tle o mpe o hopole lekgabunyane la hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 ha ke re, taba eo ya ho ya tsholla madi, ho se molato, le ho iphetetsa, e tla ba kgopiso ho wena le ntho e hlabang pelo ya monghadi na? Etlere hobane Jehova a o etsetse hantle, monghadi, o tle o hopole lekgabunyane la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:31
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena.


Modimo ya ntshitsang ka diphetetso, ya beang ditjhaba tlasa ka,


Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang.


Sa ba sa re: “Jesu, ako nkgopole ha o etla ka matla a hao a borena.”


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele,


Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka.


Bahlanka ba Davida ba fihla ho Abikaele a le Karamele, ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena, hore re tlo o lata, o yo ba mosadi wa hae.”


Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ