Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:29 - BIBELE

29 Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:29
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”


o puputlele ho yena o se na mohau, e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha.


Lefu la batshepuwa ba hae ke ntho ya bohlokwa mahlong a Morena.


Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao.


Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.


Morena o bua tjena: “Ke tla tjekeletsa baahi ba naha ena, kantle ho yona, ke ba sotle, ke ba bakele mahlomola!”


“Bao e tla ba ba ka,” ho rialo Morena wa mabotho, “e be ba ka mohla letsatsi leo ke le kgethileng. Ke tla ba baballa jwalokaha ntata a baballa mora wa hae ya mo sebeletsang.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.


Nna ka ho bona le wena ka ho nna, hore ba be ntho e le nngwe ka botlalo, lefatshe le tle le tsebe hore o nthomile, le hore o ba ratile jwalokaha o nthatile.


O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ