Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:27 - BIBELE

27 Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.


Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.


Barake a bitsetsa banna ba Sebulone le ba Nafthali Kedeshe, mme a nyolohela teng a ena le banna ba dikete tse leshome. Debora a nyoloha le yena.


Abikaele a ema ka potlako, a palama tonki, makgabunyane a hae a mahlano a tsamaya le yena; yaba ba latela baromuwa ba Davida, mme Abikaele ya eba mosadi wa Davida.


Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ