Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:21 - BIBELE

21 Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:21
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: ‘Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe?


Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.


Batho ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, moya wa ka o qetwa ke bodutu.


Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale; o se ke wa itlhonamisa, esere wa etsa bobe.


Ba itshemmeng bora ho nna ba matla, ba ntlhoileng ntle ho lebaka ba ngatafetse,


Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.


Na botle bo ka buseletswa ka bobe? Baqosi ba ka, ba ntjheketse lemena! Hopola, ke ile ka ema kapele ho wena, ka ba buella ho ba faposa kgalefo ya hao.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.


Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.


Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.


Banna bao ba ne ba le molemo haholo ho rona, mme ha ba a ka ba re etsa hampe; esita le ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ha ho letho leo re kileng ra le utswetswa.


Ha a ntse a palame tonki, a theosa kgohlo ya thaba, a bona Davida le banna ba hae ba theohela ho yena, mme a kopana le bona.


“ ‘Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ