Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:18 - BIBELE

18 Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Davida a se a fetafetile tlhoro ya thaba, a bona Siba, mohlanka wa Mefiboshete, a etla nqa ho yena, a kganna ditonki tse pedi, tse qhanehilweng. Di ne di bofile dinkgwa tsa bohobe tse makgolo a mabedi, le diphaphatha tse lekgolo tsa mangangajane a morara, le masihla a lekgolo a ditholwana tse jewang hlabula, le lekuka la veine.


Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang.


Ke matsatsi wohle a ho phela ha hae, o etsetsa monna tse molemo e seng tse mpe.


“O utlwane kapelepele le eo le tsekisanang le yena le sa ntse le le tseleng, esere mohlomong ya o tsekisang a o neela moahlodi, moahlodi a o neela lepolesa, wa hlahlelwa tjhankaneng;


Yaba Jese o re ho Davida, mora wa hae: “Nka dikilo tse leshome tsa koro e hadikilweng, le dinkgwa tse leshome, o phakise o di ise diahelong, ho bana beno.


Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”


Ke hlapanya ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o ntsha kotsi, hore hoja wa se ke wa potlaka wa nkgahlanyetsa, ruri e ne etlare pele le tjhaba ho be ho se na monna le ya mong wa ba Nabale ya ntseng a phela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ