Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:13 - BIBELE

13 Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


Ya diehang ho halefa o na le kutlwisiso, athe sefelapelwana se bontsha bothoto.


Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.


Bohlale ba motho bo tswala mamello, ho iphapanyetsa diphoso ke yona tlotla ya hae.


Ho tjheseha motho a hloka tsebo ha ho na thuso, ho ba mahlahahlaha ho lahlisa motho tsela.


Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.


Se potlakele ho isa motho ka kgotla, esere mohaeno a o tlontlolla, wa qetella o se na seo o ka se etsang.


Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena.


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Yaba Davida le banna ba hae ba ka bang makgolo a tsheletseng ba a tsamaya, ba tloha Keila, ba nna ba lelera. Ha Saule a utlwa hore Davida o balehile Keila, yaba ha a sa futuha.


Yaba bahlankana ba Davida ba kgutlela hae, ba fihla ba mmolella tsohle tseo Nabale a di buileng.


Davida a tsamaya a ena le banna ba makgolo a tsheletseng, a ya ho Akishe, mora wa Maoke, kgosi ya Gate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ