Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 25:10 - BIBELE

10 Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 25:10
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.


Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”


Ya arabang ka boikokobetso o tima kgalefo, empa polelo e kgahlapetsang e baka bohale.


Se ke wa re: “Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale di bile molemo ho feta tsa kajeno?” Ho botsa potso ena ke ho hloka bohlale.


Sethoto se ke ke sa hlola se bitswa kgosana, kapa senokwane sa hlompheha haholo;


Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.


Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: “Le re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe?


Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Bahlankana ba Davida ba fela ba fihla, ba bua le Nabale ba le lebitsong la Davida, ba mmolella tsohle tseo a di buileng, yaba ba a kgutsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ