Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 24:15 - BIBELE

15 Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 24:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!”


Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao.


Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang.


Modimo, ako nkahlolele, o emele nyewe ya ka, o ntshireletse ho batho bana, batho bana ba se nang mohau, o ntopolle ho motho ya thetsang, o ntopolle le ho ya bolotsana.


Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”


Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,


Morena a ke a ahlole pakeng tsa rona le wena, mme Morena e be mophetetsi wa ka ho wena. Empa nna nke ke ka o isa letsoho.


Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.


Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.”


Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ