Jwale ba kgutla, mme ba fihla Ene-Mishepate, e leng Kadeshe, ba hapa naha yohle ya Baamaleke, le ya Baamore ba neng ba ahile naheng ya bona Hasesone-Tamare.
Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.”
Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.