Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 23:26 - BIBELE

26 Saule le banna ba hae ba pota thaba ka nqena, Davida le banna ba hae bona ba e pota ka nqane. Ka baka la ho tshaba Saule, Davida le banna ba hae ba baleha ka potlako, hobane Saule le banna ba hae ba ne ba leka ho kopela Davida le banna ba hae hare, hore ba tle ba ba tshware.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Saule o ba a tsamaya lehlakoreng le ka kwano ho thaba, Davida yena le banna ba hae ba tsamaya lehlakoreng le ka nqane ho thaba. Davida a baleha pela Saule, a tshaba, kahobane Saule le banna ba hae ba ne ba se ba ya teela Davida le banna ba hae hare, ba ba tshware.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 23:26
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Ba tla ba ntobile, jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope, ba ntswepetse mahlo ho nkgatakella fatshe.


hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang, hole le dira tse ntikanetseng.


Se be hole le nna, hobane matshwenyeho a haufi, mme ha ho ya ka nthusang.


mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.


Ho bokwe Morena ya mpontshitseng mohau, ya mpontshitseng mohau o hlollang, ha ke ne ke dikilwe, ke futuhetswe.


Bana beso, efela re rata ha le tseba hore matshwenyeho a re hlahetseng Asia a ne a le boima haholo ho feta matla a rona, hoo re bileng ra lahlehelwa ke tshepo ya hore re tla phela.


Tsa tlala lefatshe ka bophara ba lona, mme tsa dikanela diahelo tsa badumedi le motse o ratwang, empa mollo wa theoha lehodimong, wa di fedisa.


Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.”


Mikale a lepelleletsa Davida kantle, ka fesetere. Davida a ipha dimenyane, a phonyoha.


Jonathane a howeletsa moshanyana, a re: “Matha, o potlake, o se ke wa dieha!” Moshanyana wa Jonathane a bokella metsu, a kgutlela ho monga hae.


Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone.


Empa leqosa la fihla ho Saule, la re: “Potlaka, o kgutle, hobane Bafilesita ba futuhetse naha ena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ