Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 23:17 - BIBELE

17 Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 23:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o na le nna, ha ke tshabe letho; motho a ka nketsang?


Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.”


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


empa haeba ke wa Modimo, ha le ka ke la ba fedisa, esere la fumanwa le le ba lwantshang Modimo.” Yaba ba a mo mamela.


ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng.


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”


Dula le nna, o se ke wa tshaba, hobane ya batlang ho mpolaya, le wena o batla ho o bolaya. O tla sireletseha ha o le ho nna mona.”


Ha motho a fumana sera sa hae, na a ka se tlohela sa ikela se ntse se phela? Morena a ke a o putse ka tse molemo, ka baka la seo o nketseditseng sona kajeno.


Jwale ke a tseba hore o tla fela o be kgosi, mme mmuso wa Iseraele o tla thewa ke wena.


Ka baka leo, ntlahapanyetse ka Morena hore o ke ke wa timetsa ditloholo tsa ka, le hore o ke ke wa fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.”


Jwale banna ba Davida ba re ho yena: “Lena ke lona letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho wena, a re: ‘Bona, ke tla neelana ka sera sa hao matsohong a hao, mme o tla iketsetsa borata ka sona.’ ” Yaba Davida o ema ka lenyele, o seha qola ya seaparo sa Saule.


Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ