Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 20:31 - BIBELE

31 Ha feela mora enwa wa Jese a sa ntsane a phela lefatsheng mona, o ke ke wa ba wa mona bokgosi! Ka baka leo, roma maqosa a yo mo lata, a mo tlise kwano, hobane o tlameha ho shwa!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 20:31
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa;


Bohle ba lelapa la ntate ba ne ba lokelwa ke ho bolawa ke monga ka, kgosi ya ka, empa o ile wa nkenya hara bao o jang le bona. Ka baka leo, ke sa na le tokelo efe, ya hore ke nne ke ipiletse ho kgosi?”


Mefehelo ya batshwaruwa e ke e finyelle ho wena, ka matla a letsoho la hao ako pholose ba ahloletsweng lefu.


Saule a mamela keletso ya Jonathane, mme a hlapanya, a re: “Ka Morena ya phelang, Davida ha a ka ke a bolawa.”


Kgalefo ya Saule ya tlokomela Jonathane, a re ho yena: “Sekgaupane towe! O re ekaba ha ke tsebe hore o motswalle wa mora wa Jese! O a itlontlolla, o bile o tlontlolla le bofeela ba mmao!


Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”


Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”


Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ