Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.
Jwaloka kamehla, kgosi ya dula setulong sa yona se pela lebota. Jonathane a dula a shebane le kgosi, Abinere yena a dula lehlakoreng la Saule; feela setulong sa Davida ho ne ho se na motho.
Davida a re ho Jonathane: “Bona mona, hosasane kgwedi e tla be e thwasitse, mme ke lokela ho ba dijong le kgosi. Ntumelle ke tsamaye, ke yo ipata naheng, ho fihlela ka phirimana ya letsatsi la boraro.