Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 19:24 - BIBELE

24 Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 19:24
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


Ka yona nako eo Morena a bua ho Esaya, mora wa Amose, a re ho yena: “Hlobola lesela le mahwashe leo o le apereng, o role le meqathatso maotong a hao.” Esaya a etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong.


Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.


ho porofeta monna ya utlwang lentswe la Modimo, ya bonang dipono tsa Ya Matla wohle, ya welang fatshe mahlo a hae a ntse a bona.


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Moya wa Morena o tla theohela hodima hao ka matla, mme le wena o tla porofeta jwaloka bona, o fetohe motho e mong osele.


Samuele a se ke a hlola a ya bona Saule, ho fihlela Saule a be a eshwa. Empa Samuele a llela Saule, mme Morena a swaba ha a ile a etsa hore Saule e be kgosi ya Iseraele.


Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ