Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 18:27 - BIBELE

27 Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Davida a tloha, a tsamaya, a ena le batho ba hae, mme a bolaya makgolo a mabedi a Bafilesta; Davida a kgutla le bongala jwa bona, a bo tlisa kaofela ha bona ho morena, e le hore e be mokgwenyana wa morena ka hona; ka baka lena, Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, ho ba mosadi wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 18:27
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.”


Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”


Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.


Bara ba Saule e ne e le Jonathane, le Jishefi, le Malekishuwa. Mabitso a baradi ba hae ba babedi e ne e le ana: Lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, la e monyenyane e le Mikale.


Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.


Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”


Ha Saule a bona, a bile a tseba, hore Morena o na le Davida, le hore moradi wa hae Mikale o rata Davida,


Saule o ne a ile a nka moradi wa hae Mikale, mohatsa Davida, a mo nea Paleti, mora wa Laishe, ya neng a ahile Galeme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ