Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 17:58 - BIBELE

58 Saule a re ho Davida: “O mora wa mang, wena mohlankana?” Davida a re: “Ke mora wa Jese, mohlanka wa hao wa Betlelehema.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Saule a re ho Yena: Mohlankana, o mora mang? Davida a re: Ke mora mohlanka wa hao Jese, wa Bethlehema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 17:58
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.


Ha ntatao a bona ke le siyo, o tle o re ho yena: ‘Davida o ile a nqophella hore ke mo dumelle a potlakele motseng wa habo wa Betlelehema, hobane hona teng lelapa labo lohle le tla etsa sehlabelo se etswang ka selemo le selemo.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ