Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 17:50 - BIBELE

50 Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 17:50
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.


Davida a tlamella sabole ya Saule hodima seaparo sa hae. A leka ho tsamaya, empa a hloleha, hobane o ne a sa tlwaela diaparo tsena. Davida a re ho Saule: “Ke sitwa ho tsamaya ka diaparo tsena, hobane ha ke a di tlwaela.” Yaba Davida o a di hlobola.


Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!


Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.


O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”


Moprista a re: “Sabole ya Goliate wa Mofilesita, eo o mmolaetseng ka kgohlong ya Ela, e teng mona, e phuthetswe ka lesela, katlasa setipe. Haeba o e nka, e nke, hobane ha ho e nngwe ntle ho yona.” Davida a re: “Ha ho e kang yona; nnee yona.”


Saule a re: “Morena a ke a le hlohonolofatse, hobane lona le nkutlwela bohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ