Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 15:33 - BIBELE

33 Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Samuele a mpa a re: Jwalokaha lerumo la hao le hlokisitse basadi bana, le mmao o tla hlokiswa bana hara basadi. Samuele a ba a pomahanya Agage, pela Jehova, Gilgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 15:33
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.


Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola.


leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;


Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.


Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


Kahoo ke le kgalemetse ka baporofeta ba ka, ka dipolelo tsa ka ka le timetsa, kahlolo tsa ka tsa le wela sa lehadima.


Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba ahile dithabeng ba theoha, ba hlola Baiseraele, ba ba phaladisa ho ya fihla Horema.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


E etseng jwalokaha le yona e le entse; le e buseletse habedi ho ya ka mesebetsi ya yona. E qhatsetseng habedi senwelong seo e le qhatseditseng ho sona.


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


“O tla theohela Gilegale o nketeletse pele; le nna ke tla theohela ho wena, ho tla etsa dinyehelo tsa setjheso, le ho etsa mahlabelo a dinyehelo tsa teboho. O tla nkemela ka matsatsi a supileng, ho fihlela ke fihla ho wena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa.”


Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.” Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ