Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 14:50 - BIBELE

50 Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 14:50
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo?


Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule.


Tsohle tseo moporofeta Samuele, le Saule mora wa Kishe, le Abinere mora wa Nere, le Joabe mora wa Seruya, ba neng ba di abetse Morena, le tsohle tseo mang kapa mang a neng a di abetse Morena, di ne di laolwa ke Shelomite le bana babo.


Ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e Gileade, hlooho e ne e le Ido, mora wa Sekariya; ho ba morabe wa Benjamine e le Jaasiele, mora wa Abinere.


Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?” Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.”


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ