Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Samuele 14:33 - BIBELE

33 Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!” Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, setjhaba se sitelwa Jehova ka ho jellela le madi. A re: Le fela le tlotse; mphikolosetseng lejwe le leholo hona jwale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Samuele 14:33
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


“ ‘Le se ke la ja letho le nang le madi. Le se ke la sebedisa ditaola kapa bonohe.


Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo.


Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.


Ba mpe ba ngollwe hore ba ile tse silafaditsweng ke medimo ya bohata, le bohlola, le dintho tse fenethilweng, le madi,


Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.


Ke bobete feela boo le sa tlong ho bo ja; bona le bo qhalle fatshe jwalokaha le qhala metsi.


Hlokomelang, le se ke la ja bobete, hobane madi ke bophelo, mme ha le a tshwanela ho ja nama le bophelo.


Feela bobete ba wona bona o se ke wa bo ja. O bo qhalle fatshe jwalokaha o qhala metsi.”


Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: ‘Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi.’ ” Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ