Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:19 - BIBELE

19 Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ka moo he, ba ba bogang ka fa go rateng ga Modimo, a ba bee meya ya bone mo go ona ka go dira molemo, jaaka e le Mmopi yo o ikanyegang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ka moo he, ba ba bogang ka fa go rateng ga Modimo, a ba bee meya ya bone mo go ona ka go dira molemo, jaaka e le Mmopi yo o ikanyegang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:19
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.


Mphemise leraba leo ke le tjhehetsweng, hobane ke wena setshabelo sa ka.


Ipee matsohong a Morena; o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.


Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.”


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.”


Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”


Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Ntate, ke bea moya wa ka matsohong a hao.” Hoba a rialo, a neela moya.


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.


Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe.


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ