Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:17 - BIBELE

17 E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane nako e fihlile ya hore kahlolo e qale ka tlung ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane nako e fihlile ya hore kahlolo e qale ka tlung ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:17
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”


Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,


Matshwenyeho le mahlomola a tla tlela motho ka mong ya etsang bobe, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste?


Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?


Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.


Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ