Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:16 - BIBELE

16 Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa ekare ha a utlwiswa bohloko kahoba e le mokreste, a se ke a ba le dihlong ke hona, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Empa ekare ha motho a utlwa bohloko kahobane e le Mokreste, a se ke a hlajwa ke dihlong; empa a ke a tlotlise Modimo ka baka la hona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa ekare ha motho a utlwa bohloko kahobane e le Mokreste, a se ke a hlajwa ke dihlong; empa a ke a tlotlise Modimo ka baka la hona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona ba ka botjhabela tlotlisang Morena, le lona ba dihlekehlekeng, le tlotlise bitso la Morena, Modimo wa Iseraele.


Morena Modimo o tla nthusa, kahoo ha nka ke ka tlontloloha. Ke thatafaditse fahleho sa ka jwaloka moralla, mme ke a tseba ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.


Yaba Ageripa o re ho Paulosi: “O hloma eka o ka ntshokolla habonolo hakaalo hore ke be Mokreste!”


Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”


Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.


Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ