Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:1 - BIBELE

1 Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Erekaha Kreste a utlwisitse bohloko nameng ka baka la rona, le lona le itlhomelle ka kelello e tshwanang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Erekaha Kreste a utlwisitse bohloko nameng ka baka la rona, le lona le itlhomelle ka kelello e tshwanang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.


Baratuwa bao ba tla tjhesa matlo a hao, ba o ahlolele moo basadi ba bangata ba ntseng ba tadimile. Ke tla fedisa bootswa ba hao, mme ha o sa tla hlola o nea baratuwa ba hao tjhelete.


A re ho motho ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona!”


Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu.


Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?


kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.


Ka baka lena, le tla mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, le phethe melao ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno.”


Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu:


Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.


hobane ya keneng phomolong ya hae le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwalokaha Modimo le yena a ne a phomole ho ya hae.


Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ