Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 3:16 - BIBELE

16 Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Le be le letswalo le letle; e le hore, ha ba le nyefola, jwaloka hoja ba le baetsadibe, ba hlajwang ke dihlong ka metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Le be le letswalo le letle; e le hore, ha ba le nyefola, jwaloka hoja ba le baetsadibe, ba hlajwang ke dihlong ka metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 3:16
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.


“Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.


Kahona ke leka hore kamehla ke be le letswalo le kgutsitseng pela Modimo le batho.


Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”


Ka Kreste, ke bua nnete, ha ke bue leshano; le letswalo la ka le buswang ke Moya o Halalelang, le a mpakela


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba.


o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le kgutsitseng jwaloka bo-ntata rona moholo. Kamehla, bosiu le motsheare, ha ke phetse ho o hopola dithapelong tsa ka.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.


Ke ntho e ntle ha motho, ka baka la ho tshaba Modimo, a ka mamella mahlomola, a se na molato.


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ