Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 3:12 - BIBELE

12 hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, le ditsebe tsa hae di mamela thapelo tsa bona; sefahleho sa hae se sosobane se sosobanetse ba etsang bobe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela merapelo ya bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela merapelo ya bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 3:12
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”


Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Morena o beile leihlo la hae ho ba mo tshabang, bona ba tshepileng mohau wa hae,


Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena,


Sireletsa se hlomilweng ke tsoho la hao le letona, mora eo o ikgodiseditseng yena.


Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe.


Mahlo a Modimo a bona kahohle, a disa ba kgopo le ba lokileng.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


“Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”


Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


Ke naha eo Morena Modimo wa lona, a e baballang. Kamehla Morena Modimo wa lona o e beile leihlo ho tloha ha selemo se thwasa, ho fihlela ha se fela.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ