Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 3:10 - BIBELE

10 “Ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a thabo, a tshware leleme la hae ho bua tse mpe, le molomo wa hae ho bua thetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Hobane ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a molemo, a a thibe leleme la hae bobeng, le molomo wa hae hore o se ke wa bua leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a molemo, a a thibe leleme la hae bobeng, le molomo wa hae hore o se ke wa bua leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 3:10
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi.’


“Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo;


A nke ke bone katleho ya bakgethwa ba hao, ke be le kabelo thabong ya setjhaba sa hao, ke tle ke ithorise mmoho le bao e leng lefa la hao.


Ruri Morena o tla ntswela molemo, a ntswele molemo lefatsheng la ba phelang.


Le hoja ha a sa phela, a ne a ikuka a le lehlohonolo, kapa a ne a rorisetswa katleho ya hae,


Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.


o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.


ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate.


Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela.


Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.


A mo araba, a re: “Ke ka baka lang ha o mpotsa ka se molemo? O mong feela ya molemo. Haeba o batla ho kena bophelong, boloka Melao.”


Mang le mang ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, empa mang le mang ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, le ka baka la molaetsa o molemo, o tla bo pholosa.


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.


Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”


Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.


Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle.


Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae.


Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ