Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:16 - BIBELE

16 Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Le be ba lokolohileng, mme le se ke la sebedisa tokoloho ya lona lesira la lonya, le mpe le le bahlanka ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Le be ba lokolohileng, mme le se ke la sebedisa tokoloho ya lona lesira la lonya, le mpe le le bahlanka ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Ha ke ne ke sa ka ka tla ho bua le bona, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ha ba na boitatolo ka sebe sa bona.


Le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a ho loka.


Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.


Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste.


Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.


Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;


Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.


Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.


Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho.


Ba tshepisa batho bolokolohi, athe bona ke makgoba a ditlwaelo tse bodileng, hobane motho ke lekgoba la se mo hlotseng.


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ