Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:27 - BIBELE

27 Hirame a romela bahlanka ba hae ba tsebang ho sesisa dikepe ho ya sebetsa le bahlanka ba Solomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:27
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le dikepe tsa Hirame, tse neng di ile tsa tlisa kgauta e tswang Ofire, tsa tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka, le mahakwe a bohlokwa.


Yaba Akasiya, mora wa Akabe, o re ho Jehoshafate: “Ere bahlanka ba ka ba tsamaye le bahlanka ba hao ka dikepe.” Empa Jehoshafate a hana.


“Ka hona ako laele hore ke romelwe difate tsa dikedare tsa Lebanone. Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao. Ke tla lefa bahlanka ba hao kamoo wena o tla bolela kateng. O a tseba hore hara batho ba ka ha ho le ya mong ya ka remang difate hantle jwaloka batho ba Sidone.”


Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.”


Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo.


Basoki ba hao ba tswa Sidone le Arefade, basesisi ba hao ba bohlale ke ba Tire.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ