Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:20 - BIBELE

20 Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele bohle ba setseng ba Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se bana ba Iseraele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring.


le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Davida a laela hore ho phuthwe baditjhaba ba neng ba le kahara naha ya Iseraele, mme a kgetha dibetli tsa majwe a tla haha Tempele ya Modimo.


Ana ke malapa a bahlanka ba Solomone, e leng ditloholo tsa Sotai, le tsa Soferete, le tsa Peruda,


Basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, e ne e le makgolo a mararo le mashome a robong a metso e mmedi.


“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.


A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.


Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Bana ba Iseraele ba aha hara Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ