Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 9:14 - BIBELE

14 Hirame o ne a ile a romela kgosi Solomone kgauta e boima bo fetafetang dikilo tse dikete tse nne.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hirame o ne a rometse ho morena ditalenta tse lekgolo le nang le mashome a mabedi tsa kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 9:14
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa dinoko tse ngata ho feta tsena tseo mofumahadi wa Sheba a ileng a di fa kgosi Solomone.


Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,


Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.


kgosi Solomone a nea Hirame, kgosi ya Tire, metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea; hobane Hirame ke yena ya neng a thuse Solomone ka difate tsa dikedare, le ka difate tsa modutu, le ka kgauta, ho ya kamoo Solomone a neng a lakatsa kateng.


Ba ya naheng ya Ofire ka dikepe, ho ya lata kgauta teng. Ba tlisetsa kgosi Solomone kgauta e boima ba dikilo tse fetafetang dikete tse leshome le metso e mene.


Na nna nke ke ka hauhela Ninife, motse wa setletlehadi, o nang le baahi ba fetang dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba sa tsebeng ho kgetholla botle ho bobe; o bileng o nang le diphoolofo tse ngata hakaale?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ