Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:9 - BIBELE

9 Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi, a neng a bewe teng ke Moshe, ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba tswa tloha naheng ya Egepeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:9
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke lokisitse sebaka sa areka, moo ho bolokilweng selekane sa Morena, seo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.”


Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.


E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.


Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.”


Ka arekeng o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.


O tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka, mme kahare ho areka o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.


A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.


Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”


Ka letsatsi leo ba neng ba hloma Tente ya Morena ka lona, leru la e kgurumetsa. Ka phirimana leru lena le ne le ye le ke kganare ya mollo hodima Tente ya Morena, ho fihlela hoseng.


“Nkang Buka ena ya Molao, le e bee pele areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e le hore e be moo, e le paki e le tswang.


“O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ