Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 8:64 - BIBELE

64 Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

64 Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 8:64
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a etsa aletare ya lethose. Bolelele ba yona e ne e le dimethara tse ka bang robong, bophara ba yona le bona e ka ba dimethara tse robong, bophahamo e ka ba dimethara tse nne le halofo.


Solomone a halaletsa bohare ba seotlwana se kapele ho Tempele ya Morena, mme hona moo a etsetsa dinyehelo tsa setjheso. Ka mafura a etsa dinyehelo tsa teboho, hobane aletare ya lethose, eo a neng a e entse, e ne e ke ke ya lekana ho etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura.


Tse ntshitsweng di ne di lekane ho etsa mosebetsi wa Sehalalelo, di be di sale.


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ